Jeremia 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane! BIBELE “O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona; |
hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.
Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.
Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.
Mokgwa wa mosadi wa sehlola o jwalo le wona; o a ja, o itlhakola molomo, mme o re: Ha ke a ka ka etsa bokgopo!
Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.
Etlare ha o tsebisitse setjhaba sena ditaba tseo kaofela, ha ba re: Na Jehova o re bolella kotsi e kgolo hakale keng? Bokgopo ba rona keng, le sebe sa rona keng, seo re sitetsweng Jehova, Modimo wa rona, ka sona na?
O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.
Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.
O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.
Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.
ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;
Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.