La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: Eya, o howe ditsebeng tsa Jerusalema, o re: Ho itswe ke Jehova: Ke ntse ke hopola borapedi ba botjha ba hao le lerato la hao mohla ke o nyalang, ha o ne o ntse o ntshala morao lefeelleng, lefatsheng le sa lengweng.

Ver Capítulo

BIBELE

Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re:

Ver Capítulo



Jeremia 2:1
9 Referencias Cruzadas  

Mme lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona lekala la sefate sa amanda.


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Lentswe le tswang ho Jehova le ne le tle ho Jeremia, la re:


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.