Jeremia 18:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ke theohela tlung ya mmopi, ka mo fihlela a sebetsa ka mabadi. BIBELE Yaba ke theohela tlung ya sebopi sa dinkgo, mme ka fumana se ntse se rita dinkgo ka lebidi la sona. |
Pitsa eo a neng a e etsa ka letsopa ya senyeha matsohong a mmopi; a boela a qala, a etsa pitsa e ntjha kamoo mmopi a ratileng ho etsa kateng.
Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.