Jeremia 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, o se ke wa kena ka tlung ya mokete ho ya itulela le bona ho ja le ho nwa. BIBELE “O se ke wa kena ka tlung e nang le mokete, wa dula ka ho yona, yaba o a ja, o a nwa. |
Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.
Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;
Empa jwale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ya ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ya lakatsang leruo, leha e le ya rapelang medimo, leha e le moetselletsi, kapa letahwa, kapa leshodu; ya jwalo, le ho ja, le se no ja le yena.