Jakobo 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi. BIBELE Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi. Baasraak Sotho NT Ebang le mamello le lona; tiisang dipelo tsa lona, hobane ho tla ha Morena ho atametse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ebang le mamello le lona; tiisang dipelo tsa lona, hobane ho tla ha Morena ho atametse. |
O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.
Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa!
hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.
Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.
Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.
le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.
Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?
a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.
Kgauta le silefera ya lona di jelwe ke mafome, mme mafome a tsona e tla ba paki e le tswang, a tla ja dinama tsa lona jwaloka eka ke mollo. Le ipokelletse matlotlo, hara matsatsi a bofelo.
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.