hobane o ne a se a ile a tlangwa hangata ka ditshepe le ka mahlaahlela, a mpa a roba mahlaahlela, a tula ditshepe; ho ne ho se motho ya tsebang ho mo thapisa.
Jakobo 3:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho. BIBELE Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho, Baasraak Sotho NT Hobane mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dinoha, le ya tse lewatleng, e a thapisoa, mme e se e thapisitswe ke batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dinoha, le ya tse lewatleng, e a thapisoa, mme e se e thapisitswe ke batho. |
hobane o ne a se a ile a tlangwa hangata ka ditshepe le ka mahlaahlela, a mpa a roba mahlaahlela, a tula ditshepe; ho ne ho se motho ya tsebang ho mo thapisa.
Le ne le nkile tsohle tsa lefatshe tse maoto a mane, le tse hahabang, le dinonyana tsa lehodimo.
Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.
Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.