Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;
Jakobo 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na? BIBELE na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo? Baasraak Sotho NT Na jwale ha le leeme hara lona, mme le fetohile baahlodi ba mehopolo e mebe na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na jwale ha le leeme hara lona, mme le fetohile baahlodi ba mehopolo e mebe na? |
Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;
ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?
Fale le tla nne le ikgutsetse na? Na ha le tumise ho loka keng na? A le tla ahlola ka tokelo, lona bana ba batho?
Le nna, ke tla le etsa ba nyediswang le ba kgeswang hara setjhaba kaofela, hobane ha le boloke ditsela tsa ka, mme kahlolong le etsa ka tshobotsi.
Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.
Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.