Isaia 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla ikgella metsi ka thabo didibeng tsa poloko; BIBELE Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho. |
Kamoo sefate sa apole se leng kateng hara difate tsa moru, moratuwa wa me o jwalo hara bahlankana; thato ya me ke ho dula moriting wa hae, tholwana ya hae e monate mahalapeng a me.
Ke tla hlahisa dinoka maralleng, didiba di phunyehe diphuleng; ke tla fetola naha e tshehla matsha, naha e omeletseng e tlale didiba tsa metsi.
Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.
Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.
Ho tla phela sebopuwa se seng le se seng se hahabang se leng teng moo ho fihlang dinoka tse pedi; le dihlapi tsona di tla ba ngata; hobane metsi ao a fela a tla fihla teng, lewatle le hlapholohe; tsohle tse tla fihlelwa ke noka di tla phela.
Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.
Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.
Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.
hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.
Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.