Hosea 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng. BIBELE Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho. |
Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.
Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.
Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.
Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.
Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.
Morena Jehova o re: Ke se ke tla ala matlowa a ka hodima hao, phuthehong ya ditjhaba tse ngata, mme di tla o ntsha metsing ke letlowa la ka.
Efraime o tla fetoha nahathothe tsatsing la kotlo; hara meloko ya Iseraele ke tsebisa taba e tiileng.