Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.
Hosea 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho se ke ha eba ya tsekang, ho se ke ha eba ya kgalemelang! hobane ba setjhaba sa hao ba jwaloka ba hanyetsang moprista. BIBELE “Empa ho se be motho ya tsekang, kapa motho ya nyatsang e mong; ke nna ya qosang wena moprista. |
Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.
Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Wa habo mofu o tla nka setopo sa hae le ya tlang ho se tjhesa, ho tle ho ntshwe ditopo tlung; mme o tla re ho ya dutseng motseo wa ntlo: Na o sa na le e mong le wena na? Eo o tla araba, a re: Tjhe, ha ho sa le motho. Ke moo a tla re: Thola! hobane ha ho na ho hopolwa lebitso la Jehova.
Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.