Genese 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ba a ntsha leeba ho bona ha ekaba metsi a fokotsehile hodima lefatshe. BIBELE Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng. |
Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.
Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.