Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.
Genese 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa. BIBELE Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa. |
Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.
Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.
Na o finyeletse mehloding ya lewatle? Na o ile wa fihla bofellong ba sekoti sa bodiba na?
Ke mang ya fihletseng palo ya maru ka bohlale ba hae, mme ke mang ya ka tshelang makuka a mahodimo,
Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.
Hobane le nna, ke leng motho ya buswang ke ba bang, ke na le bahlabani ba katlase ho nna; mme ha ke re ho e mong: Eya, o a ye; le ho e mong: Tloo, o a tle; le ho mohlanka wa ka: Etsa hoitseng, o a ho etse.