Genese 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a dula ditshiu tse supileng, a ntoo ntsha leeba hape arekeng. BIBELE A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng. |
Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.
Mantsiboya, leeba la kgutlela ho yena, mme bona, le ne le na le lehlaku la mohlwaare molomong wa lona, le kgweboditsweng; mme Nowe a tseba hobane metsi a kgwehlile lefatsheng.
A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.
Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.
Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.
Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.