Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?
Genese 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na? BIBELE Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?” |
Juda a re ho banababo: Na re tla ruang, leha re ka bolaya ngwanabo rona, ra peta madi a hae na?
Ba romela seaparo se mebalabala, ba se isa ho ntata bona, ba re: Re fumane ntho ena; ako e tsebe hore na ke seaparo sa mora hao, kapa ha se sona?
Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.
hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.
Nkgauhele, Jehova; bona bomadimabe boo ba ntlhoileng ba nkgatakelang ka bona, wena ya nnyollang menyakong ya lefu,
Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.