A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.
Genese 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha isaisa, Kaine a tlisetsa Jehova kabelo ya tse mediswang ke lefatshe; BIBELE Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya. |
A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu.
Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a mang a mohlape wa hae, le mafura a wona. Yaba Jehova o tadima Abele le kabelo ya hae;
Motsotsong wa taba tseo, ke ne ke se Jerusalema; hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa Artakserksese, morena wa Babilona, ke ne ke boetse ke ile ho morena; mme qetellong ya selemo seo, ke ne ke boetse ke lokolotswe ke morena.
Ke o nea le dithakangwaha tseo ba tla di hlahisetsa Jehova; tsohle tsa ole e hlwekileng ka ho fetisa, le tsohle tsa veine le tsa koro tse fetisang ka monate.
Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.