Jehova Modimo a mo leleka tshimong ya Edene, a tle a ye ho lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.
Genese 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a tswala Abele, moenae. Abele ya eba modisa wa dinku, Kaine yena ya eba ya lemang mobu. BIBELE A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi. |
Jehova Modimo a mo leleka tshimong ya Edene, a tle a ye ho lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.
Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.
Yaba Adama o tseba Eva, mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Kaine, a re: Ke itswaletse monna ka thuso ya Jehova.
Faro a re ho banababo Josefa: Mosebetsi wa lona ke ofe? Ba re ho Faro: Bahlanka ba hao re badisa, rona le bontata rona.
Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.
Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.
hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,
ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.
Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.
Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.
mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.
E mong le e mong ya hloileng ngwanabo ke mmolai; mme le a tseba hobane ha ho mmolai eo bophelo bo sa feleng bo dutseng ho yena.