Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.
Genese 39:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng. BIBELE Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo. |
Yaba ba dula ho ja bohobe. Yare ha ba emisa mahlo a bona, ba bona sehlopha sa Baishmaele se etswa Gileade, dikamele tsa bona di belesitse dinoko, le balsame, le mirra, ba tsamaya, ba di isa Egepeta.
Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.
A ba neela hore ba bolokwe tlung ya molaodi wa balebedi, tlung ya teronko, moo Josefa a keneng teronkong teng.
Josefa a re ho banababo: Nkatameleng hle! Ba mo atamela. A re: Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le rekileng ka nna, ke tle ke iswe Egepeta.
Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,