Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?
Genese 26:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abimeleke o bitsa Isaaka, a re: Bona, kannete motho eo ke mosadi, wa hao; ke ka baka lang ha o itse: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Isaaka a re ho yena: Ke hobane ke itse mohlomong nka bolawa ka baka la hae. BIBELE Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.” |
Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?
Abimeleke a re: O re etseditseng taba eo? Hle! motho e mong o ba a ka robala le mosadi wa hao, mme wa re tlama ka molato!
Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.
Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?
Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.