Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.
Genese 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle. BIBELE Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.” |
Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.
Davida a iketsetsa lebitso le leholo, ha a kgutla polaong ya Basiria, Thoteng ya Letswai, a bolaile batho ba dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi.
Ba phahama ho isa hodimodimo, ba theohela le ho isa bodibeng; meya ya bona ya qhibidiha ka ho tsieleha.
Hobane dira tsa hao, Jehova, dira tsa hao di a fela, ba sebetsang bobe kaofela ba qhalwa.
Le hoja Babilona a ka phahamela lehodimo, a thatafatsa qhobosheane e phahameng ya hae, basenyi ba tswang ho nna ba tla mo fihlela, ho bolela Jehova.
Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe;
seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.
Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.
yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?
O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;
Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?
Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.
Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.
Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.