Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.
Genese 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Kama ke Kushe, le Mitsraime, le Puthe, le Kanana. BIBELE Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana. |
Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.
Kama, ntata Kanana, a bona bofeela ba ntatae, mme a ya bolella banababo ba babedi kantle.
Ba fihlela makgulo a nonneng, a molemo, naha ya teng e le sephara e letse, e dutse ka kgotso; ke Bakama ba neng ba ahile teng mehleng ya boholoholo.
Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.
Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.
Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.
Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.
ba ena le Bapersia, le Bakushe, le Baputhe, ba nang le dithebe le diheleme kaofela ha bona;