Filemone 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) le Afia, ya ratwang, le Arkipe, molekane wa rona hlabanong, le kereke e ka tlung ya hao, ke re: BIBELE le Afia kgaitsedi ya rona, le Arekipose eo re leng bahlabani mmoho le yena, le kereke e phuthehelang ha Filemone, re re: Baasraak Sotho NT le Apia, moratuwa wa rona, le Arkipo, lesole ka rona, le kereke e ka tlung ya hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le Apia, moratuwa wa rona, le Arkipo, lesole ka rona, le kereke e ka tlung ya hao. |
Ntumedisetseng le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epainete, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaea ho Kreste.
Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akila le Prisila, le kereke e ka tlung ya bona, ba le dumedisa haholo Moreneng.
Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.