Esthere 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba fuwe ke yena ditlolo tsa bona; jwale, morwetsana ya tla kgahla morena, a ke a bewe mofumahadi tulong tsa Vashti. Taba eo ya kgahlisa morena, mme a etsa jwalo. BIBELE Morwetsana ya tla kgahla kgosi, ke yena eo e tla ba mofumahadi bakeng sa Fashiti.” Keletso ena ya thabisa kgosi, mme kgosi ya etsa jwalo. |
Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.
mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;
Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.
Empa moketeng wa tsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a etsa tjhao pontsheng eo bohle, a kgahlisa Heroda.