Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Daniele 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba boela ba araba, ba re: Morena a ke a bolelle bahlanka ba hae toro, mme re tla ntsha kwahollo ya yona. BIBELE Bakalatiya ba araba hape, ba re: “Kgosi a e ke e bolelle bahlanka ba yona toro ena, mme re tla e hlalosa.” |
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.
Morena a araba, a re: Ke lemoha kannete hoba le batla ho ekeletswa nako, kahobane le bona ha taba eo e mphonyohetse.
Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona.
Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.