Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Daniele 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a laela seo ba tlang ho se fuwa ka tsatsi le leng le le leng sa dijo tse hlabosang tsa morena le sa veine e nowang ke yena, hore ba tle ba hodiswe jwalo ka dilemo tse tharo; etlere ha di se di fetile, ba ntoo kena tshebeletsong ya morena. BIBELE Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi. |
Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Ba lehlohonolo, batho ba hao, ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!
Mme dijo tsa hae ya nna ya eba dijo tseo a di fuwang ke morena, tsa tsatsi le leng le le leng, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.
Ba lehlohonolo, batho ba hao! Ba lehlohonolo, bahlanka bana ba hao, ba hlolang ba eme pela hao, ba utlwang bohlale ba hao!
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.
Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena.
Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.
Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.
Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.
Saule a ntano romela ho Jese, a re: Davida a ke a eme pela ka, hobane o bone mohau ho nna.