A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.
Daniele 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a laela Ashpenase, hlooho ya matona, hore a tlise ba bang ba bana ba Iseraele, ba leloko la borena le la mahosana; BIBELE Kgosi ya laela Ashepenase, mookamedi wa bahlanka ba kgosi, ho kgetha banna ba bang hara bana ba Iseraele, ba madi a bokgosi le a bohosana. |
A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.
Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova.
Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona.
Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.