Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria:
Daniele 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa. BIBELE “Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela. |
Yaba Daniele o re ho mootli eo hlooho ya matona e mo laeleditseng boDaniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria:
O ntoo hlahloba difahleho tsa rona le difahleho tsa bahlankana ba fepuwang ka dijo tse hlabosang tsa morena; ke hona o ka etsang le bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.
Yaba mootli o tlosa dijo tse hlabosang tsa bona le veine eo ba neng ba tla e nwa, a ba fa meroho.
O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.