Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.
Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,
Ka tsatsi la lehlohonolo, o iketle, mme ka tsatsi la tlokotsi, o lemohe hobane ke Modimo o entseng leno le lena, hore motho a tsebe hobane ha ho letho leo a tshwanetseng ho le lebella hamorao.
A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.
Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.