bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.
BaKolose 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona; BIBELE Kamehla ha re ntse re le rapella, re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, re ntse re le rapella kamehla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, re ntse re le rapella kamehla. |
bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.
Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.
Ho bokwe Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle,
Ka baka leo, haesale ke utlwa le nna tumelo ya lona ho Morena Jesu, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,
Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.
Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;
Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona.
Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare;