BaKolose 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaledi le badumedi ba Kolose, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. BIBELE re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona. Baasraak Sotho NT Ke ngolla badumedi ba Kolose, badumedi ba leng ho Kreste, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ngolla badumedi ba Kolose, badumedi ba leng ho Kreste, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste. |
Empa Ananiase a araba, a re: Morena, ke utlwile ke ba bangata ditaba tsa monna eo, kamoo a entseng bakgethwa ba hao hampe kateng, Jerusalema;
lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;
Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.
ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena wa rona Jesu Kreste,
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:
Mme ka hore le tle le tsebe le lona kamoo ke dutseng kateng, le seo ke se etsang, Tikike, ngwaneso ya ratwang, mohlanka ya tshepehang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.
Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:
ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.
Le ke le atisetswe mohau le kgotso, ka tsebo ya Modimo le ya Jesu Kreste, Morena wa rona.
Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,