moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.
BaKolose 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo; BIBELE Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng. Baasraak Sotho NT le matlafaditswe ka matla wohle, ho ya ka matla a kganya ya wona, le tle le be le tiisetso yohle le mamello ka thabo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le matlafaditswe ka matla wohle, ho ya ka matla a kganya ya wona, le tle le be le tiisetso yohle le mamello ka thabo; |
moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.
Letsoho la hao le letona, Jehova, le tumile ka matla a lona; tsoho la hao le letona, Jehova, le thuhakantse sera.
Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.
Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.
Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;
Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.
Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,
ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen!
Ke moo ho tla bonahala mamello ya bahalaledi, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ya bona ho Jesu.