Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.
BaHebheru 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona. BIBELE Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona. |
Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.
Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.
Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.
Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla;
Ke teng; a thefutswe ka baka la ho se dumele, mme wena, o ema ke tumelo. O se ke wa ikgohomosa, empa o tshabe.
Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.
Lona kaofela ba ratang ho bewa ba lokileng ka molao, le arohile ho Kreste, le wele mohaung.
Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?
Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.
A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.