BaHebheru 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) ya bileng kgabane ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe le yena o bile kgabane ka tlung ya hae yohle. BIBELE O ile a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ile a tshepahala tlung yohle ya Modimo. Baasraak Sotho NT Ya neng a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ne a tshepahala tlung ya hae yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ya neng a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ne a tshepahala tlung ya hae yohle. |
Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse.
Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.
Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.
Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.
Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:
hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Samuele a eketsa a re ho setjhaba: Jehova ke yena ya neng a bee Moshe le Aarone, ya ntshitseng bontata lona lefatsheng la Egepeta.