ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;
BaHebheru 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke ho lefe ho mangeloi Modimo o kileng wa re le ka mohla o le mong: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntatae, yena e be Mora wa ka? BIBELE Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?” Baasraak Sotho NT Hobane ke ofe ho mangeloi a kileng a re ho yena: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke tla ba Ntate wa hae, yena e be Mora wa ka? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ke ofe ho mangeloi a kileng a re ho yena: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke tla ba Ntate wa hae, yena e be Mora wa ka? |
ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;
Ke tla ba ntatae, yena e be mora ka; nke ke ka mo amoha mohau wa ka, jwalokaha ke ne ke o amohe ba neng ba le pele ho wena;
Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo; e tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae; mme ke tla tiisa terone ya borena ba hae Iseraeleng ka ho sa feleng.
O itse ho nna: Ke mora hao Salomone ya tla haha ntlo ya ka le mabala a ka; hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.
Modimo o e phethile ho rona bao re leng bana ba bona, ka ho tsosa Jesu, jwalokaha ho ngodilwe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O mora wa ka, ke o tswetse kajeno.
Esitile Kreste le yena ha a ka a inea kganya ya boprista bo boholo, empa o e neilwe ke ya itseng ho yena: O Mora ka, ke o tswetse kajeno.