La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




BaHebheru 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

a etswa ya kahodimo ho mangeloi, jwalokaha lebitso leo a le ruileng ka mokgwa wa lefa le fetisa la wona ka boholo.

Ver Capítulo

BIBELE

O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

O phahamisitswe haholo ho feta mangeloi, kahobane ka lefa la hae o ruile lebitso le fetisang la wona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

O phahamisitswe haholo ho feta mangeloi, kahobane ka lefa la hae o ruile lebitso le fetisang la wona.

Ver Capítulo



BaHebheru 1:4
11 Referencias Cruzadas  

kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.


Athe le a tseba hobane hamorao, ha a ratile ho fuwa lefa la hlohonolofalo, o kile a hanwa, mme leha a kile a e batla ka meokgo, ha a ka a bona sebaka sa phetoho.


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.