Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.
BaFilipi 2:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking. BIBELE Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, ke bone ho hlokahala ho romela ho lona Epafroditase, ngwaneso le mothusi wa ka mosebetsing le lesole-nna, eo e leng lenqosa la lona, le motlatsi wa ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, ke bone ho hlokahala ho romela ho lona Epafroditase, ngwaneso le mothusi wa ka mosebetsing le lesole-nna, eo e leng lenqosa la lona, le motlatsi wa ka. |
Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.
Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.
Ntumedisetseng Urbane, motlatsi wa rona mosebetsing wa Kreste, le Stakise, moratuwa wa ka.
ha ke a ka ka iketla moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso; ka mpa ka ba dumedisa, ka ntoo ikela Masedonia.
Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.
Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
jwalokaha le rutilwe ke Epafrase, moratuwa le mong ka rona tshebeletsong, le mohlanka ya tshepehang wa Kreste hara lona;
Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.
Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;
Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;