O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka!
Baefese 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le qamake se ka kgahlisang Morena; BIBELE Kgethang tse kgahlisang Morena. Baasraak Sotho NT Le lemohe se khahlisang Morena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le lemohe se khahlisang Morena. |
O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka!
Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?
Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.
le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;
Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.
le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;
Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.
Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;
Sebaka sa ho bokwa e ka ba sefe ha le ka mamella ho jabelwa, ha le sitilwe? Empa ekare ha le mamella bohloko le ntse le etsa hantle, hoo ke ntho e lebohuwang ke Modimo.
le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.
Davida a apara diaparo tsa Saule, a nka le sabole ya hae, a re o tla tsamaya ka tsona, athe o ne a eso ho leke tse jwalo. Yaba o re ho Saule: Ke sitwa ho tsamaya ka tsona, hobane ha ke a di tlwaela. Davida a di hlobola ke hona,