La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Baefese 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

eo re dumeletsweng ka yena ho atamela ho Modimo ka tshepo, ka tumelo eo re nang le yona ho yena.

Ver Capítulo

BIBELE

Ke ka Kreste, le ka ho dumela ho yena, re nang le sebete sa ho atamela ho Modimo ka tshepo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ke yena eo re nang le tshepo le ho kena ho yena ka tshepo, ka tumelo ya hae.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ke yena eo re nang le tshepo le ho kena ho yena ka tshepo, ka tumelo ya hae.

Ver Capítulo



Baefese 3:12
12 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Re fela re na le tshepo e jwalo ho Modimo, ka Kreste.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.


Baratuwa, ha dipelo tsa rona di sa re nyatse, re na le tshepo e tiileng ho Modimo.