La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Baefese 2:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le lona le hahilwe hammoho ho yena, ho ba ntlo ya Modimo Moyeng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya.

Ver Capítulo



Baefese 2:22
12 Referencias Cruzadas  

Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?


Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.


Ana ha le tsebe hobane mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang, o leng teng ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Hape ha le ba lona,


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho tse rapelwang? Hobane ke lona le leng tempele ya Modimo o phelang, jwalokaha Modimo o itse: Ke tla ikahela hara bona, ke itsamaele teng; mme ke tla ba Modimo wa bona, mme bona e tla ba setjhaba sa ka.


Kreste a tle a ahe dipelong tsa lona ka tumelo;


Mme ya bolokang ditaelo tsa wona o dutse ho wona, le wona o dutse ho yena, mme hoo re tsebang ka hona hobane o dutse ho rona, ke ka Moya oo o re neileng wona.


Mokgwa oo re tsebang ka wona hobane re dutse ho wona, le wona ho rona, ke hobane o re ngwathetse Moya wa wona.


Mme rona re tsebile, re bile re dumetse lerato leo Modimo o re ratang ka lona. Modimo o lerato, mme ya dutseng leratong o dutse ho Modimo, mme Modimo le wona o dutse ho yena.