Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.
Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.
Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;
Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele.