Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Baefese 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle. BIBELE Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke, Baasraak Sotho NT mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho. |
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.
Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.
ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!
hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae.
Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.
a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.
hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae.