Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo.
Amose 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma; BIBELE Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo. |
Jwale ba utlwa lentswe la Jehova Modimo ha a tsamaya tshimong ka mantsiboya ha ho phodile. Adama le mosadi wa hae ba ipata hara difate tsa tshimo, ba tshaba sefahleho sa Jehova Modimo.
hore maoto a hao a hate mading, mme leleme la dintja tsa hao le abelwe ditopo tsa dira tsa hao.
Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.
Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.
A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.