2 Samuele 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka. BIBELE a re: “Morena ke lehaha la ka, ke qhobosheane ya ka, ke monamoledi wa ka. |
Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,
ke thuso ya ka, le qhobosheane ya ka, tora ya ka e phahameng, le monamoledi wa ka, thebe ya ka, le palehelo ya ka; ke yena ya kokobetsang setjhaba sa katlasa ka.
Hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka; mme ka baka la lebitso la hao, o tla mpontsha tsela o ntsamaise ho yona;
Ke tla re ho Modimo, lefika la ka: O ntebalelang? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?
O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.
Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!
Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.
Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.
Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.
Ha ho ya kgethehileng jwaloka Jehova; ha ho Modimo o mong haese wena; ha ho lefika le kang Modimo wa rona.
Saule a ya jwalo le banna ba hae ho batla Davida. Davida a tsebiswa, a ba a theohela lefikeng, a dula feelleng la Maone. Saule ha a utlwa, a phallela Davida feelleng la Maone.
Kahoo, Saule a nka batho ba kete tse tharo, ba kgethilweng hara Baiseraele bohle, a ya batla Davida le banna ba hae mafikeng a dikome.