Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.
2 Bakorinthe 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke fela ke le rapela, ke re: Mohla ke tlang ho ba teng hara lona, ke se ke ka bona sebaka sa ho etsa ka matla, ka bothata boo ke hopolang hobane ke tla etsa ka bona ho ba bang ba re lekanyang jwaloka hoja re tsamaya ka nama. BIBELE Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho. Baasraak Sotho NT Empa ke le rapela hore, ha ke le teng, ke tle ke se ke ka ba sebete ka tshepo eo ke nahanang ho ba sebete ka yona ho lwantsha ba bang ba re hopolang jwaloka hoja re tsamaya ka nama. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke le rapela hore, ha ke le teng, ke tle ke se ke ka ba sebete ka tshepo eo ke nahanang ho ba sebete ka yona ho lwantsha ba bang ba re hopolang jwaloka hoja re tsamaya ka nama. |
Ha ho le jwalo, ha ho sa le tsuo jwale leha e le nngwe ho ba leng ho Jesu Kreste, e leng ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka moya.
ho loka ha molao ho tle ho phethwe ka ho rona ba sa tsamayeng ka nama, re mpang re tsamaya ka moya.
Hobane ba tsamayang ka nama ba ithatela dintho tsa nama, empa ba tsamayang ka moya ba ithatela tsa moya.
Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?
Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane. Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.
Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.
Ke se ke le boleletse pele, le jwale ke sa le bolella, ke re: Jwalokaha nkile ka etsa ha ke le ho lona ka la bobedi, le jwale ke sa pheta, leha ke le siyo, ke ngolla ba sitilweng pele, le ba bang bohle hore, ha ke boela ke etla, nke ke ka ba rekolohela;