La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ebile baholo bohle ba Iseraele ba phutheha, ba tla ho Samuele, Rama;

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama.

Ver Capítulo



1 Samuele 8:4
8 Referencias Cruzadas  

Abnere a bua le baholo ba Iseraele, a re: Maoba le maobane le be le ntse le batla Davida, hore e be yena morena wa lona.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Ebile baholo ba Jabeshe ba re ho yena: Ako re balle tshiu tse supileng, re tle re romele manqosa naheng tsohle tsa Iseraele; ha ho se ya re namolelang, re tla tswela ho wena.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Ebile Samuele o beela setjhaba, se kopileng morena ho yena, mantswe wohle a Jehova.