1 Samuele 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Bafilesta ba tshaba, ba re: Modimo o tlile diahelong. Hape, ba re: Ho madimabe rona, hobane ho ne ho eso ho be taba e jwalo, le kgale. BIBELE Bafilesita ba tshoha, ba re: “Modimo o fihlile diahelong!” Ba boela ba re: “A rona bale! Maoba le maobane ho ne ho se ntho e tjena! |
A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.
Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?
Bafilesta ha ba utlwa modumo wa ditlatse, ba re: Ke wang modumo wa ditlatse tsena tse kgolo diahelong tsa Baheberu? Ba tseba hobane areka ya Jehova e tlile diahelong.
Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.