Davida a re ho yena: Taba di tsamaile jwang na? Ako ntsebise. A re: Setjhaba se balehile ntweng, mme ba bangata ba wele ba shwele; Saule le mora hae Jonathane le bona ba timetse.
1 Samuele 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka? BIBELE Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?” |
Davida a re ho yena: Taba di tsamaile jwang na? Ako ntsebise. A re: Setjhaba se balehile ntweng, mme ba bangata ba wele ba shwele; Saule le mora hae Jonathane le bona ba timetse.
Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.
Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale.
Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.