1 Samuele 30:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong. BIBELE Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa. |
hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.
Davida a dula jwalo ho Akishe, Gathe, e le yena le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, le yena Davida a ena le basadi ba hae ba babedi, Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.
Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona.
Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.