1 Samuele 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele nna, ke tla tswa ke eme mabapa le ntate tshimong eo o tla ba ho yona, ke tle ke o buelle ho ntate, mme seo ke se bonang, ke tla o tsebisa sona. BIBELE Nna ke tla tswa le ntate, ke eme pela hae ha a le naheng, moo o tla be o ipatile teng, ebe ke bua ka wena ho yena. Ke tla o bolella seo ke tla se utlwa.” |
Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho o bolaya; jwale o ipoloke, e be e be hosasane, mme o itulele sephiring, o ipate.
Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.
Jonathane a re: Tjhe, ho ke ke ha eba jwalo. Leha nka tsebisisa bobe bo hopoletsweng wena ke ntate, ha ke re, ke ne ke tla o tsebisa na?