1 Samuele 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho o bolaya; jwale o ipoloke, e be e be hosasane, mme o itulele sephiring, o ipate. BIBELE Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang. |
Empa mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa morero wa bona; yaba o ya, a kena qhobosheaneng, a di tsebisa Pauluse.
empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;
Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.
Haele nna, ke tla tswa ke eme mabapa le ntate tshimong eo o tla ba ho yona, ke tle ke o buelle ho ntate, mme seo ke se bonang, ke tla o tsebisa sona.
Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.
Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.