Ebile monaila o tswa makgotleng a Bafilesta, lebitso la hae e le Goliathe wa Gathe; bolelele ba hae e ne e le ditswe tse tsheletseng tse nang le boahlamo ba seatla.
Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.
A bolaya le monna wa Moegepeta; monna eo boemo ba hae e ne e le ditswe tse hlano. Moegepeta letsohong o ne a tshwere lerumo le neng le le ka ka sefate sa selohi; a theohela ho yena ka molamu, a amoha Moegepeta lerumo, mme a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.
Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.
[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]
A re a sa bua le bona, a bona monna eo wa monaila, eo lebitso la hae e leng Goliathe wa Gathe, a etla a tloha makgotleng a Bafilesta, a sa bua ka mokgwa ola, Davida le yena a utlwa.